Menu Close

MODIMO WA ISERAELE

  1. Jehofa, Modimo wa Iseraele,
    O re faladitse lefifing la pele;
    Re thaba ha kaakang ha re o kgumamela;
    Kajeno re batho, re tseba ho rapela.
  2. Maoto a kgotso a tswang ho Monghadi
    A tlile ho rona, lefatsheng la madi:
    A re a sa hlaha, Satan’a thothomela;
    Mokgosi wa kgutsa, dira tsa re bakela.
  3. Mahaheng a matsho, thakong tsa ledimo,
    Ho binwa sefela se bokang Modimo;
    Naha ya nyakalla, e kgabile ka metse,
    Nala e hlahile bakeng sa ditsietsi.
  4. Ba neng ba qhalane ba boela ha habo
    Ba diqhobosheane ba ba nka ka thabo
    Leqheku le okwa ke tloholo tsa lona,
    Di tla di hodile, ho bokwe Monga bona!
  5. E dipoko tsohle di hlabe hodimo
    Ho wena, Jehofa, Morena Modimo!
    Re setjhaba sa hao, se ratilweng ke Jeso;
    Tlisa mmuso wa hao fatsheng lena la heso!