Skip to content
MOHLA A TLANG
- Edisang difahleho,
Jeso o-a tla;
Le dule ka tebello,
O ya fihla.
Oho, le fadimehe,
Le rapeleng;
Le ha a diehile,
Se otseleng!
Lehlaso
O tla re phutha bohle
Mohla a tlang,
Barat’wa ba nqa tsohle,
Mohla a tlang.
Re tla ba teng le rona
Mohla a tlang,
Re thabele Morena
Mohla a tlang.
- Maswabi le matswalo
A tla fela;
Re tla hlakola dillo,
Ha a fihla.
Jo, nka tahwa ke thabo,
Ha a hlaha;
Ke bine ka nyakallo,
Ha ke mmona.
- Leeto le bodutu,
Le boima;
Empa ke na le Jeso,
Ho-a ntekana.
O ntseba mefokolo,
Ho wa ha ka;
O mosa, o lerato,
O-a nkgothatsa.
- Jo, ke mo hlolohetswe,
Jeso wa ka;
Ke dutse ke tsietswe,
Ke lebella;
Ke wa hae, o nkgethile,
Mme o-a nthata;
Le nna ka pelo yohle
Ke-a mo rata.