Molemo o se nang moedi
Wa Modimo, ha o rokwe
Ka tshwanelo mona lefatsheng
Hoba re hloka teboho.
Hlompho le thoriso le kganya,
Tsohle di a o lokela.
Moya ka se lebale yena
Ya sa keng a o lebale.
Mmele wa ka o bopjwa ke mang
Ka mokgwa o makatsehang?
Ka letsatsi le leng le le leng
Ke mang eo ya ntataisang?
Ya ntjhafatsang ka matla moyeng,
Ya ntlisetsang Kgotso ke mang?
Ya ntshitsang ka mahlohonolo
Ke Modimo o lerato.
Teboho e kgahlisang yena
Ke ha ke le mophethehi.
Ha nka e pheella kamehla
E be ke tshwana le yena.
Ha o mmatlafatsa ka mohau
E be ke boloka melao.
Leha ke ntse ke etsa bobe
Tjhe, ha ke buswe ke bona.
Paballo le melemo ya hao
Di be pelaka kamehla!
Di tle di nne di mmatlafatse
Ho ineela ka botlalo.
Di ntsamaisa ka nyakallo,
Di ntshedisa ditsietsing;
Mohla ke hlahelwang ke lefu
Di tla nthusa ho mamella.