Skip to content
MOLOPOLLI, O, MORENA!
- Molopolli, o, Morena!
Tshepo ya ka, o mamela,
Fela sa ka, mofokodi;
Maotong a hao ke fihla
Ke imetswe ke morwalo,
Dibe di fedile!
Nkamohele!
Ha o lese motho,
O mamela thapelo
Tsa bohle ba dumelang –
O! dumelang!
- O kgahlilwe, ho ba motho:
Ka thapelo ya hao, Ntate,
Wa re tlotla, ra pholoha;
Lerato la hao le feta
Bobe le tsohle ka matla,
O phethile thato,
Ra pholoha,
Wa lefa ka lefu!
O a phela, mme bophelo
Ra latswa bosafeleng:
Ra pholoha!
- Mora wa Modimo o shwele,
Empa jwale o a phela;
Ha ke phela ho Modimo,
Nke ke ka shwa le ka mohla!
Jwale ha ke sa na tshabo.
O ntokiseditse;
Ke Motswalle,
Ke Motsamaisi,
Ke Kgosi, ke Modimo,
O mpitsetsa hodimo:
Ke Motswalle!
- Hara bobe mahlomola,
Ha ke tshabe, ke a mo bitsa;
Ka ditshila, nka nna ka tla,
Tsela ena ke a e tseba:
Mora Modimo o rata
Baena ka bohle.
Tshepo ya ka,
Oho, nkolobetse;
O mphe selallo sa ka,
Ke fumane lerato –
Tshepo ya ka!
- Thabo, boikgutso, kganya,
Di kae tse hlwekileng jwana!
Di tswa di bile di kgutla
Ho Modimo ka ho phalla.
Ka Jeso kganya ya rona
E teng ho Modimo.
Ke takatso;
Le mohla ke felang,
Pina tsa ka mo pakeng;
Tsatsi la ho tla ha hae,
Ke takatso.