- Mopholosi o tswetswe
 Mane Betlelehema.
 Le nna ke ntse ke tlatsa,
 Dipina tsa thabo:
 Modimo o ratile
 Lefatshe ha kaalo,
 O bile wa le neha
 Mora ya inotshi.
- Tlong, a re yeng sejelong
 Ngwana o robetse
 Ka boikokobetso:
 Ke yena Morena.
 Amohela dithoko
 Ke tse o rorisang.
 Hobane ka ho wena,
 Ho na le bophelo.
- O ratile bakgopo,
 Wa ba fa bophelo.
 Re fe ho tshepahala
 Le hlweko ho wena.
 O tetse mahodimo,
 Ho phela le rona.
 Re inehela wena
 Mmele, pelo, moya.