Menu Close

Morena ke Modimo mong

Morena ke Modim’o mong,
Mo tlotliseng kaofela!
Ke mang ya tshwanang le yena
Ka kganya le boholo?
Bitso la hae le leholo
Le kganya ka bokgabane,
Le bosafeleng ba hae.

Sedi le kganyang teroneng
Le re fifatsa mahlo.
Mangeloi a ikwahela
Difahleho ka hlompho.
Ke Modimo o sa bonweng;
O bonwang feela ke batho
Me sebetsing ya oona.

Hoja e se matla a hae
Re ka be re le ho kae?
Matla a hae a sa feleng
A feta mehopolo.
Ho yena bohlale bo teng
Le matla; letsoho la hae
Le sireletsa tsohle.

O lokile, o molemo!
O aha le bahleweki.
Ya o sebeletsang mona
O tla rweswa moqhaka.
Ho wean bophelo bo teng
Jwale, le ka ho sa feleng.
Mohlodi wa nyakallo!

Nna ke leng moetsadibe
Nka o atamela jwang?
Ka yena Jesu, Mmuella,
Nka bitswa ngwana Ntate.
Ke tumisa ka dithoko:
O moholo, Morena ka!
Leratong le lekalo.