Menu Close

Morena o a ntekola

 Morena o a ntekola,
Hape, o a ntseba.
O tseba bodulo ba ka
Le maemo a ka.

Lehlaso:
E, leha nka ya kae le kae,
Jesu o na le nna.
Hobane o hohle lefatsheng;
O ntse o le teng hohle.

Otseba kgopolo ya ka,
O le hole la nna;
O tseba ha ke tsamaya
Leha ke robala.

O tseba ditsela tsa ka,
O di tseba tsohle;
Leha ke eso ho bue,
O tseba tseo tsohle.

Tsebo ya hao e a makatsa,
E kgolo haholo;
Ke sitwa ho e fihlella,
Tsebo ya Modimo.

Modimo wa ka, o nthuse,
Disa pelo ya ka!
Mme o tsamaise tseleng
E isang bophelong!