Menu Close

MORENA O MOHOLO

  1. O moholo, o moholo!
    O tshwanetse ho roriswa
    Motseng wa Modimo wa rona,
    Thabeng ya hae e halalelang!
    Thaba e ntle, Sione,
    Ke thabo ya lefatshe
    Moo motse wa hae o leng teng.
    Matlong a teng a borena,
    Modimo o ipontshitse
    Hoba ke qhobosheane.
  2. Morena ya re pholosang,
    Re hopola wena feela,
    Ha re kopane mmoho mona
    Qhobosheaneng ya hao, Ntate.
    Kganya ya hao, ka matla
    E qhala dira tsohle;
    Ho ditjhaba o tsebiswa
    Ka dikgutlo tsa lefatshe:
    Tsoho la hao le sa tsoteng
    Le hulela bohle botleng.
  3. Thaba-Sione e thabe
    E phatlalatsa ho thala
    Ho baradi ba Juta bohle,
    Ba namoletsweng dikahlolo.
    Bona botle ba motse,
    Diphahamo le matlo
    A borena, tse phatsimang
    Ka botle bo babatsehang:
    Di paka boholo bona
    Ba ketso tsa hao, Monghadi.