Na ke bo-mang mose ledibohong,
Ba hlohlorang role la lebitla,
Ba lesedi, ba kganya,
Ba moqhaka dihlohong?
Lehlaso:
Bohang seema, ha ba hlaha ka kgoro,
Jerusalema e motjha,
Pina tsa bona tse tswiswang ke nyakallo:
Ke madi a konyana.
Ke batswileng tshileng tsa manyala,
Ho boleng ha lebitla la sebe;
Jwale, ha ba hlwekile,
Ke madi a konyana.
Ke batswang mokgathaleng wa dintwa,
Bodibeng ba dillo le hloreho,
Jwale ha ba hlwekile,
Ke madi a Konyana.
Ke moo ba emeng ka dipalema,
Ba apereng bosweu, lesedi;
Mme ha ba hloka kodi,
Ke madi a Konyana.
Ke sehou sa mefutafuta,
Ba tswa dipheletsong tsa lefatshe,
Bohle ba lopolotswe
Ke madi a Konyana.
O, Monghadi, o ntumelle le nna,
Ke phakise, ke habe, ke fihle;
Ntlhatswisise, ke hlweke,
Ke se ke ka roneha.