Menu Close

NA KE BOMANG?

  1. Na ke bomang mose ledibohong,
    Ba hlohlorang role la lebitla,
    Ba lesedi, ba kganya,
    Ba meqhaka dihloohong?
    Lehlaso
    Bohang seema, ha ba hlaha ka
    kgoro Jerusalema e motjha,
    Pina tsa bona tse tswiswang ke nyakallo:
    Ke madi a Konyana.
  2. Ke ba tswileng tshileng tsa manyala,
    Ho boleng ba lebitla la sebe;
    Jwale, ha ba hlwekile,
    Ke madi a Konyana.
  3. Ke ba tswang mokgathaleng wa dintwa,
    Bodibeng ba dillo le hloreho,
    Jwale ha ba hlwekile,
    Ke madi a Konyana.
  4. Ke moo ba emeng ka dipalema,
    Ba apreng bosweu, lesedi;
    Mme ha ba hloka kodi,
    Ke madi a Konyana.
  5. Ke sehou sa mefutafuta,
    Ba tswa dipheletsong tsa lefatshe,
    Bohle ba lopolotswe
    Ke madi a Konyana.
  6. O, Monghadi, o ntumelle le nna,
    Ke phakise, ke habe, ke fihle;
    Ntlhatswisise, ke hlweke,
    Ke se ke ka roneha.
    Lehlaso
    E, ke tla ba teng ho ba kenang ka kgoro,
    Jerusalema e motjha,
    Ha ke bina teng le bona ka nyakallo
    Ke madi a Konyana.