- Ntataise, hoba ke a fokola,
Mehato ya ka ke ya lesea.
Ntataise, ha o le teng Morena,
Bobe ha bo ka ke ba ntsietsa. - Ntataise, ntlise haufi le wena,
Haufi le wena, Tshabelo sa ka!
Ha nka kgotjwa, se ntlohele Morena:
Se kgobohelwe ke ho wa ha ka! - Ntataise, tsela e a nyolosa.
A sedi le ntjhabele ka mehla!
E ba dithoriso di a nyoloha
Ha nka tadima kganya ya lona. - Ntataise, ke be ke qete tsela;
Ke be ke yo tshela noka e ntsho.
Moya wa ka o tla rorisa wena
Hoba tsoho la hao le nkisa hae.