Menu Close

Ntate ha ke sa sepela

Ntate, ha ke sa sepela – Hole le lehae la heso,
U nthuse, ke tsebe ho re: – Ho lokile!

Se, u nkalimileng sona, – Ha u re, ke se busetse
Le teng ke tla leka ho re: – Ho lokile!

Leha u re, ke lesane – Le ba tatoang ho fetisa,
Le moo, ke sa leka ho re: Ho lokile!

Leha lefu le bohale – Le khaola tšiu tsa ka,
Ke sa ntse ke leka ho re: – Ho lokile!

Feela, ha ke na le uena, – Bohlokong le lihlorisong,
Hohle, Ntate, ke ntse ke re: – Ho lokile!