Menu Close

NYAKALLANG LONA BA LEFATSHE!

  1. Nyakallang, lona ba lefatshe!
    Phokolang dipina jwale,
    Le opele pina, teboho,
    Ka thoko le pesaleme;
    Holo ke bo se nang bokgutlo
    Ba Modimo matla ohle;
    Dira di boha matl’a ketso
    Tsa ona, di thothomele.
  2. Mebuso ya lefatshe lohle
    E kgumamela Morena.
    Le matjhaba mefuta yohle
    A tlisa tlotla ho yena.
    Tlong le bohe mehlolo ketsong
    Tsa Modimo tse makatsang;
    Kopang mohau lona bohle,
    Matjhaba, le tle le phele.
  3. O e betlile tsela hohle,
    Hara mafella le matsha,
    A se tsamaisa setjhaba
    Sa hae tseleng ka ho kgaba.
    O busa hodimo ka mehla,
    Tlotla ya hae e lefatsheng;
    O lokela ditjhaba tsohle
    Ho otla baetsadibe.
  4. Tlong le mameleng he, bakeresete!
    Tlong lona ba mo rapelang!
    Ke tla tsebisa le baheso
    Seo a nketseditseng sona:
    Ke bitsitse, a arabela;
    Ha ke ne ke le lefifing
    Mme pele lesedi le tjhaba
    Yena o ne a s’a tlile.
  5. Ha ke ne ke hapehile nna,
    Ke latela tse mpe tsohle,
    Morena a thiba ditsebe
    Tsa hae merapelong ya ka,
    Empa yena motsebapelo
    Tsa batho bohle a mpona,
    Mahlomola a ka a tloswa
    Ka mohau wa Morena.