Skip to content
O A PHELA YENA KERESETE
- O-a phela yena Keresete,
Mme le rona re tla phela.
Ho bitswa batho bohle,
Ba bitswa lefatsheng lohle.
Ba tla hlontjhwa ke yena,
Bohle ba tlang ho yena.
- O-a phela yena Keresete,
E, o-a busa, ke Morena.
Le rona re tla busa,
Meahong ka tlong ya Ntate.
Ntswe le ha le sisinya,
Tjhe, ke lona tshediso.
- O-a phela, ke nnete eo,
Yena Morena wa Mmuso.
Marena a lefifi
A tla sitwa ho mo hlola.
Tshireletsong tsa Jeso,
Ha ho tshabo le lefu.
- O-a phela, jwale lefu,
Ke monyako wa bophelo.
Tlong bohle, tlong ho Jeso,
Utlwang lentswe ka mamello,
Ke yena Moemedi,
Morena, Motshedisi.