Menu Close

O HALALEHILE

  1. O halalehile, Modimo moholo,
    Ha ho ya tshwanang le wena ka kgalalelo,
    O halalehile, hape o lerato,
    O lokile, hape o mohau.
  2. O halalehile! Bohle ba o hlompha,
    Dirafime le dikerobime tsohle
    Di itihela pela maoto a hao,
    Di ikgurumetsa difahleho.
  3. O halalehile! Ka hara lefifi
    O ipata mahlong a baetsadibe:
    Ba sitwa ho boha kgalalelo ya hao,
    Ya o bonang a ke ke a phela.
  4. O halalehile, Modimo moholo,
    O matla ohle, o na le tsebo yohle.
    O halalehile, Modimo mohau,
    O Modimo o bokwang hararo.

You cannot copy content of this page