O halelihile, Modimo moholo,
Ha ho ya tshwanang le wena ka kgalalelo,
O halelehile, hape o lerato,
O lokile, hape o mohau.
O halalehile! Bohle ba o hlompha,
Dirafime le dikerubime tsohle
Di itihela pela maoto a hao,
Di ikgurumetsa difahleho.
O halelehile! Ka hara lefifi
O ipata mahlong a baetsadibe:
Ba sitwa bo boha kgalalelo ya hao,
Ya o bonang a ke ke a phela.
O halalehile, Modim’o moholo,
O matla ohle, o na le tsebo yohle.
O halalehile, Modim’o mohau
O Modimo o bokwang hararo