- O Modimo wa Jakobo
O re tsamaise,
Re fepuwe le ke wena
Ka letsoho la hao. - Dipoko tsa rona tsohle
Di leba ho wena
Re apese ka mohau;
Le bana ba rona. - Le ditseleng tse lefifi.
Ha re hlahlathela
Re bonesetswe ke wena;
Sedi la bophelo. - O re baballe Morena,
Le ha rameleko.
Ka letsatsi le letsatsi,
Re newe bohobe. - Re apese ka dipheo
Re latele tsela,
E ka hodima dithaba
O re fihlise hae.