- O, Modimo wa ka mehla
O thebe le thuso
O setshabelo sa rona
Seo re se tshepileng. - Bahalaledi hodimo
Ba dutse moriting
Pela terone ya Ntate,
Ba bolokehile. - Lefatshe le eso botjwe,
Esita le nako,
O ne o se o bile teng
Mehleng e sa balweng. - Ka tekanyo ya hao, Ntate,
Re tshepa lefeela
Hoba lemo tse sekete
Di ka ka letsatsi. - Dinako di ntse di feta,
Di hohola batho
Jwalo ka nako e tletseng,
Ba kukwa ka bomong. - O, Modimo wa ka mehla!
Wena thebe, thuso,
Wena o tshepo ya rona,
O matla a rona.