O nkise qhobosheaneng,
Hole le boitshepo,
O nkise, ke tshabele teng,
Hole le matshwenyeho!
Lehlaso:
Morena, ke o tshepile,
Lefika la ka mehla.
Ho wena ke iketlile,
Ke Kgotso, thabo feela.
Ha ke le qhobosheaneng,
Ha Jesu a mpoloka,
Mefokolong, mahlomoleng,
Le nna hle ke Senatla.
Ho Jesu, qhobosheaneng,
Ho nna e ntse e le kgora
Ya mohau o sa feleng,
Ya tumelo le matla.
Leha ke fumane tseleng
Dintwa le mokgathala,
Ha ke le Qhoboshianeng
Ha di na ho mphihlela.
Ho Jesu, Qhoboshianeng,
Ke kgora tsa lerato;
Ke motho ya bolokilweng,
Ke ya lehlohonolo.