Menu Close

Raohang masole

Raohang, masole,
Ntwa e ya lwana;
Le hlomele bohle,
Dira ke tsena!
Jesu ke Morena,
Le molaodi,
O ya le nehela,
Se tshabeng kotsi!

Lehlaso:
Raohang, masole,
Ntwa e ya lwana;
Le hlomele bohle,
Dira ke tsena!

Lebitsong la Jesu
Ra di qhadilwe;
Tiyang, banabeso,
Di balehile!
Hele di tshohile,
Le bademona;
Satane o a tshaba,
O a thothomela!

Tiyang, le kopane,
Kgotla le be leng;
Tsamaelang pele,
Le se furalleng!
Le kgobeng matshwafo,
Lahlang bokwala;
Le tla bona hlolo
Ha le le matla!

Raohang he bohle
Se keng la tshaba!
Le bineng difela
Tsa dithoriso,
Le ke ke la fengwa
Le na le Jesu!
Le tla mo tlotisa
Le le ngata-nngwe.