- Re a o boka, Morena,
Re ntse re thabela wena;
Re sa phela ha monate
Ka paballo ya hao, Ntate. - Re pholositswe ka mohau,
Ka dineo tsohle tsa hao;
Reko la hao le leholo
Le re thabisitse pelo. - Kganna jwale bana ba hao,
Ba ye ka taba tsa molao;
E be joko e bobebe,
E sikarwang ka sebete. - O re nee ho thabela
Tseo o di ratang kaofela;
Thato ya hao e phethehe,
Bana ba hao ba kgethehe.