Re bokeng ka pelo;
Re bokeng Jehova;
Re bineleng Jesu,
Mmoloki wa rona!
Le moya o motle
O bokwe ke rona!
Re lakatseng bohle
Dineo tsa oona.
Re hlabeng dithoko,
Re bineng hosanna:
Ho iswe teboho,
Ho bokwe Jehova!
Tlase le hodimo,
Hohle le kamehla,
Ho rokwe Modimo!
Amen! Halleluya!