- Re bokeng ka pelo,
Re bokeng Jehofa ;
Re bineleng Jeso,
Mmoloki wa rona! - Le Moya o motle
O bokwe ke rona!
Re lakatseng bohle
Dineo tsa ona. - Re hlabeng dithoko,
Re bineng hosanna:
Ho iswe teboho,
Ho bokwe Jehofa! - Tlase le hodimo,
Hohle le ka mehla,
Ho rokwe Modimo!
Amen! Haleluya!