Menu Close

RE KA YA KAE?

  1. O, Modimo,
    O lesedi!
    Pela hao re ditshila!
    Re molato,
    Re fedile,
    Re lahlehile, ruri!
  2. Dinaledi,
    Di fifala
    Pela lesedi la hao!
    Be tsa rona
    Di mpe, di ntsho,
    Di lefifi la mmoto.
  3. Re tla ya kae?
    Ya re thusang,
    Ke wena feela, Ntate!
    Mora wa hao,
    Moreshwedi,
    O re buletse tsela!
  4. E, ho jwalo!
    Ke Kgolokgotha
    O re shwetse, badibe!
    Madi a hae
    A hlwekisa
    Pelo tsa ba inyatsang.
  5. Empa pelo
    E kgelosang,
    E re hulela bobeng!
    Bona, Ntate,
    Re inyatsa:
    Re hauhele, Ntate!
  6. O tiise
    Ka ho feta
    Tumelo, O! Modimo!
    Re ineela
    Ho sebetsa,
    Molemo ka lerato.