- Re kopa ho wena, Jeso:
Re etele tulong ena;
Ha re le moo ka tlong ya hao
O re tshepisitse ho tla. - Wa re: Moo ba kopaneng teng
Ba babedi ba bararo,
Ba kopane bitsong la ka,
Ke tla ba teng hara bona. - Rona re tshepile wena,
Ho ya ka tshepiso ena;
Utlwa thapelo tsa rona,
O re fe mahlohonolo!