Menu Close

Sefapanong ke boha

Sefapanong ke boha
Wena, Mmoloki wa ka;
Madi a tswang maqebeng,
Le metsi lehlakoreng,
Ka ona, ke re, ntlhatswe,
Ke be motle, ke loke.

Nka sebetsa jwang le jwang,
Ha ho letho le nthusang;
Kapa e leng dikgapha,
Mahloko, Mahlomola;
Be se ke sa tloswa,
Ha e se wena feela.

Leha nka tlisa gauta
Tsa lefatshe kaofela,
Ha di na ho tadingwa,
Ha di na ho ntopolla.
Ke tla ke tshepa wena,
Ke se ke ka timela.

Ke se ke tla tsamaya
Eto la ho qetella;
Pela hao ha ke fihla,
O se ke wa nteleka!
Wena, lefika la ka,
Ke tshabetse ho wena.