Menu Close

SEFAPANONG KE BOHA

  1. Sefapanong ke boha
    Wena, Mmoloki wa ka;
    Madi a tswang maqebeng,
    Le metsi lehlakoreng,
    Ka ona, ke re, ntlhatswe,
    Ke be motle, ke loke.
  2. Nka sebetsa jwang le jwang,
    Ha ho letho le nthusang;
    Kapa e leng dikgapha,
    Mahloko, mahlomola;
    Be se ke ke sa tloswa,
    Ha e se k’wena feela.
  3. Le ha nka tlisa kgauta
    Tsa lefatshe kaofela,
    Ha di na ho tadingwa,
    Ha di na ho ntopolla.
    Ke tla ke tshepa wena,
    Ke se ke ka timela.
  4. Ke se ke tla tsamaya
    Eto la ho qetella;
    Pela hao ha ke fihla,
    O se ke wa nteleka!
    Wena, lefika la ka,
    Ke tshabetse ho wena.