- Tadima, moya wa ka,
Ke yena Mopholosi!
Jeso o ntse a bua
O re: A o-a nthata na? - Ke o ntshitse ditlamong,
Ka ba ka o fodisa;
Ka o thusa tahlehong,
Sedi la tswa lefifing. - Na mosadi ya hloko
A ka lahla ngwana na?
E, a ka mo lebala;
Nna ke tla o hopola. - Rato la ka le tiile,
Le phahametse tsohle,
Le tebile haholo,
E, le hlola le lefu. - O tla bona kganya ka,
Ke se ke entse mohau.
O tla dula teroneng,
Modibe, na o-nthata? - Morena ke ntse ke lla
Ke re: “Rato le shwele.”
Empa nna ke-a o rata,
Ka rato le leholo.