Menu Close

THOTA E TALANA

  1. E teng thota e talana
    Thoko ho Sione,
    Moo Morena ya re ratang
    A hlorisitsweng teng.
  2. Le ha re sitwa ho hlaka
    Ka tlhaloso, rona,
    Empa ka nnete Kgolokgotha
    O re shwetse yena.
  3. O shwetse ho re pholosa,
    Ho hlwekisa pelo;
    Re tle re kene hodimo
    Ka madi a hae.
  4. Ha ho motho e mong ya neng
    A ka re pholosa,
    A re bulela dikgoro
    Tsa kganya, hodimo.
  5. O lerato la moholo,
    Le tukang, le tjhesang!
    Re abele matla, rona
    Re o rate jwalo.