Skip to content
TLO MOKERESETE, BINA DITHOKO!
- Tlo Mokeresete, bina dithoko,
Mme o lelale lehodimong!
Bona ya rweswang moqhaka,
Ke Jeso Modimo, Mora!
Tlo ho yena ho phekolwa
Lefu la dibe le bobe.
- Ke yena Hlooho, rona ditho,
Mmeleng wa hae lefatsheng lena.
Re nee matla boeting,
Hohle moo re ka jakang teng.
Re tle re be majalefa,
A meaho e mengata.
- O re utlwele le bohloko,
O hlabetswe dibe tsa rona.
A ba a phahamisetswa
Tsohong la Modimo, Ntate,
Bakang lona, ineeleng,
Sokolohang, mo lateleng!
- Modimo, re nee mamello,
Mafolofolo le tjheseho.
Re tle re o sebeletse,
Bitso la hao, le roriswe.
Fepa tumelo ka moya,
Jeso, Keresete, le Morena