- Tlong bana, le thabe, le nyakalle hle,
Ka se hlahileng mona Betlelehema,
Moo Jeso a tswetsweng hara bosiu.
A tlisa letlotlo mona lefatsheng. - Shebang mane setaleng se lefifi,
Ho hlaha teng kganya ya fatshe lohle;
O phuthetswe teng ngwana Lehodimo
Yena ya re kopanyang le Modimo. - O aletswe jwang ka hara sejelo,
Maria le Josefa ba mo boha,
Le badisa ba tla mo kgumamela,
Hodimo mangeloi a mo roke. - Kgumamang le etsise badisana;
Phahamisang diatla le mo tlotle.
Binang, thoko e ntjha, le mo roriseng.
Jeso o tlile, o tla le pholosa.