Tlong ho Jesu, le tle kapele,
Lentswe la hae le supa tsela;
Le yena o teng ka sebele,
O ntsa re: Tlong ho nna!
Lehlaso:
Re tla thaba ha re kopana,
Re lopolotswe sebeng sohle,
Ha re kopana ho Morena,
Ha hae ka sebele.
Utlwang! O ntsa re: lesang bana,
Le ba lesele ho tla ho nna.
Helang, baetsadibe, thabang,
Se duleng, phakisang!
Ikgetheleng yena Kajeno;
Oho, ineeleng yena Jesu,
Le fumana Kgotso le thabo,
Le bona bophelo.
Le hara rona hona jwale,
E, Jesu o teng ka sebele;
O ntsa re laya, o ntsa bitsa,
O ntsa re: Tlong ho nna.
A ka ba teng na ya mo hanang?
Ana ke nang ya ka diehang?
O ntsa o bitsa ka qophello;
Oho, ngwaneso, ngwaneso, tlo!