- Ya lahlelang dipelaelo
Hodima ona ka mehla,
O tshireletsong ya Modimo,
O hlokomelwa ke ona.
Ya itshepelang yena feela (bis)
Ha a hahe lehlabatheng. (bis) - Ho nyahama pelo le tshoho
Le ona masisapelo
Di ke ke tsa re thusa letho.
Le ha motho a bobola,
Le ha a ka sisimoloha (bis)
Ho ke ke ha tloswa phahlo. (bis) - O mo tshepe hara bohloko
O kgutse ka thothomelo.
Latela keletso tsa ona
Tse molemo, tse bohlale.
Tshepa tsamaiso ya ona, (bis)
O tseba seo o se hlokang. (bis) - Le ha o nwa tse babang, se re:
Ya atlehang ke ngwana hae.
Nna ha ke tsebisise hore
O-a nthata nna ke leng soto,
Mohlang oo ho tla senolwa (bis)
Bao e leng bana ba nnete. (bis) - Hatela pele o tiisetse
O nyakalle mehleng yohle.
Dintho tsohle di sebeletsa
Molemo wa badumedi.
Ya itshepelang yena feela (bis)
Ha a hahe lehlabatheng. (bis)