Menu Close

Tsietsing tsa letsoalo

Tsietsing tsa letsoalo
Ke bitsa ho uena;
U mamele thapelo,
U nkutloe, Morena.
Lentsoe la ka le fihle
Tulong ea mohau,
A le ke le finyelle
Halalelong sa hao.


Hoja u ka re balla
Melato ea rona,
Re ke ke ra phonyoha
Pel’a hao, Morena.
Empa bohle ba hao,
Leha bo ka tota,
Bo tingoa ke mohau,
Ha re sokoloha.


Ke tsepile Morena
Har’a litlokotsi,
Ke talima ho eena
Le har’a likotsi.
Ke lebella leseli
Botsong ba tsietsi,
Ho feta balebeli
Ba rakang letsatsi.


A re tsepeng Morena,
O tla re tselisa;
Mohau o tsoa ho eena,
O tla re phelisa.
Libeng tsa rona tsohle,
Oa re namolela,
Le matsoenyehong ‘ohle
O tla re lokolla.