- Utlwang lentswe la Modimo,
Lentswe la bophelo.
Dibe tsohle le ditlolo,
Di tsejwa ka lona. - Lentswe le ntse le qhalanngwa
Mafatsheng a hole.
Bohle ba lebella mantswe
A Modimo hohle. - Dira di-a hlolwa ka lona,
Lentswe la Modimo.
Ho tla ba jwalo, utlwang hle,
Fatshe le hodimo! - Dithaba le nahathote
Di thabela lona.
Ditjhaba di-a kgalemelwa,
Di ntse di le utlwa. - Dintwa, mona, le bohale,
Tsona di fediswe.
Kgotso, thabo le sebete,
Di rutwa ka lentswe.