- Ya itshepelang Modimo
Le botshepehi ba ona
A ka hla dula ka kgotso
Hara tshiu tsa mefuta.
Mookamedi ya renang
O tseba seo re se hlokang. - Di thusang dipelaelo,
Le ona masisapelo?
Na moabi wa bophelo
Ha bo dise ka lerato?
Mookamedi ya renang
O tseba seo re se hlokang. - Betang pelo, ba Morena,
Le mo siele sebaka:
O tla tseba ho fetola
Tsohle molemo wa rona.
Mookamedi ya renang
O tseba seo re se hlokang. - Ruri o sa ikgethetse
Motsotso wa ho re thusa;
Ho bana ba hae o tletse
Rato le se nang ho fela.
Mookamedi ya renang
O tseba seo re se hlokang. - Se re, ha o s’o hlomoha
Ke lahlilwe ke Morena!
Mme batho ha ba qhomeha,
Ba filwe lehlohonolo!
Mookamedi ya renang
O tseba seo re se hlokang. - Ha bohloko bo o kena,
Bo o tuba, sheba Jeso!
Sefapano sa Kgolokgotha
Ke diba sa matshediso.
Mookamedi ya renang
O tseba seo re se hlokang. - Tshaba Modimo, moena,
O hate tsela ya ona.
Mehopolo nqa ho wena
Ke e molemo ka mehla.
Mookamedi ya renang
O tseba seo re se hlokang. - Morena, mponele tsohle:
Ke a o tshepa, wena feela.
O ntate, ntsamaise hle;
Tshepo ya ka e ho wena.
Wena, Jehofa ya renang,
O tseba seo ke se hlokang.